
WPR Cohort: 2018
Language: Sesotho
Genre: Novelette
Buka ena e hlalosa ka tsa bophelo ba morena Rakotsoana le setjhaba sa hae se neng se hlaselwe mehleng ya difaqane. E hlalosa diketsahalo tse lebisitseng hore ba qetelle ba fetohile Madimo, ba ja batho. E buwa le ka moo morena Moshoeshoe – “Ra-Basotho” a ileng a pholosa maphelo a bona le ho ba neha bophelo bo botjha.
Buy on Kobo
Tseliso Kennedy Mofubetsoane o hlahetse Steynsrus ho la Free State a holela le ho kena sekolo Sebokeng, Gauteng. O ithutetse botitjhere Sebokeng College of Education a nto ruta pele a ka kena mesebetsing e mengata ya setjhaba le tsa kgwebo. O kgutletse Free State a aha Wepener le Botshabelo. O kene University of Free State le Unisa ho ntshetsa dithuto tsa hae pele. Ha jwale ke Mosuwe (Lecturer) Motheo TVET College.
