
WPR Cohort: 2024
Language: Sesotho
Genre: Short story
Pale ena e kgutshwane e bua ka matla a tshehetso, botshepehi le ho loka. E re ruta hore le dintho tseo o nahanang hore ke bofokodi ba hao di ka bapala karolo ya ho o tswellisa pele bophelong. E re bontsha hore dintho tseo o shebanang le tsona haholo, ke tsona tse ka ahang kapa hona ho thuba katleho ya hao. E bontsha hore motho o kotula seo a se jetseng.
Buy on Kobo
Tshabangu Mpumelelo Nkosinathi ke motjha ya dumelang haholo tshebedisong ya bokgabo ka ho fapana. O dumela hore bokgabo ke tsela e nngwe ya ho itlhalosa, ho itsebisa le ho nehela bathong ba bang. O na le tjheseho e kgolo ya ho bapala karolo ho ntshetsa pele maphelo a batjha. O etsa sena ka ho sebedisa talente ya hae ya bokgabo eleng ho ngola.
