
WPR Cohort: 2021
Language: Sesotho
Genre: Novelette
Buka ena Ntja, e bontsha ebile e paka bohlokwa ba hofa ngwana lebitso haholong tswalong ya hae, le na le ho hlalosa boemo bo bobe kapa bo botle ba hae. Mme pale ena e hlalosa kapa e hlahisa boemo bo bobe ba mophetwa enwa eleng Ntja, ya latelwang ke tlhaloso ya lebitso la hae.
Buy on Kobo
Ke Yamkela Lekhoana, ke holetse Matatiele profensing ya Kapa Botjhabela, seterekeng sa Mafube, ha Mateu. Ke ngwana wa ho qetela baneng ba mme Lisebo Gemina Lekhoana. Ke badile Mafube J.S.S, le Lagrange Sibi S.S.S. Ha jwale ke bala setsing se phahameng sa dithuto Walter Sisulu University, ke na le lengolo la Bachelor of Arts (Sesotho, History and Geography) Ke qadile ho ngola ke le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, ha ke ne ke bala kereti ya leshome. Tshotleho le ho hola ka thata, tikolohong e seng hantle, di ile tsa nkgothatsa hore ke ngole buka. Hore moloko o tlang o be le setshwantsho sa bophelo boo re neng re bo phela.
