Sello sa Moya

Sello sa Moya

By Lekhotla Mokoena

WPR Cohort: 2022

Language: Sesotho

Genre: Novel

Sello sa Moya, ke buka ya Sesotho e ka ho kgathatseha ha maikutlo le ho ferekana ha moya kahare. E ka mohlankana ya bitswang Morumi eo ho tloha bonyaneng a kgathaditsweng ke maikutlo ana, a bohloko moyeng le ngongoreho ya maikutlo. Kamora ho finyella boholo ba toro tsa hae maemong ao, eka ntwa ena e mo hlotse a furalla tsohle le bokamoso bo tjhabile, mohlomong ho ya arabela sellong sena sa moya.

Buy on Kobo

Author Bio

Lekhotla

Lekhotla Mokoena o tswalletswe seterekeng sa Ntswanatsatsi Cornelia, Free State. Lekhotla o na le tsebo le boiphihlelo ba dilemo tse fetang leshome jwaloka Mohlahisi, Mohatisi, le Moqolotsi wa ditaba. Ke mongodi wa buka ya hae ya pele ya Sesotho "Sello sa Moya". Buka ena e ka mohlankana ya bitswang Morumi, eo ho tloha bonyaneng ba hae a ileng a tshwengwa ke ho ferekana ha maikutlo a sa tsebahaleng moyeng le pelong ya hae.

WPR